HYMN
Molim’ oa bo-ntat’a rõna
Posted by Difela on May 24, 2016
MOLIM’ oa bo-ntat’a rõna,
Mehleng ea boholo,
Tšepo lilemo tse tlang,
Lefika le tiileng.
Ka tlas’a paballo ea hao,
Le poloko ea hao,
Re tla lula hamonate,
Tšireletsong ea hao.
Pele lithaba li ‘ba teng,
Le lona lefatše,
U hlotse ka mehla.....
Le ka ho sa feleng.
Lemo tse sekete tsona,
Li feta kapele;
Ho uena e ka tekanyo
Ea bosiu bo bong.
Meloko ea batho eohle,
Le thato ea bona,
Ke ntho tse nkoang ke moroallo
Oa nõka ea lefu.
Ha tsohle-tsohle li ile,
Ho sala Molimo.
Mo tšepeng e sa le joale,
Le tle le kene hae.
Amen